Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 23:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A re: Ho bona, ho ke ho nkwe ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene ba tla tsamaisa tshebetso ya ntlo ya Jehova; hape, ho nkwe ba kete tse tsheletseng ho ba etsa bahlahlobi le baahlodi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene ba bona ba bewa ho okamela mesebetsi ya Tempele ya Morena; ba dikete tse tsheletseng bona ya eba batsamaisi ba ditaba tsa naha ya Iseraele le baahlodi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 23:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banababo bona, e leng Balevi ba bang, le bona ba newa ditshebetso tsohle tsa tabernakele ya ntlo ya Modimo.


Eitse hobane ho kgutlelwe Jerusalema, Josafate a boela a bea Balevi Jerusalema le baprista le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, ho tshwara dikahlolo tsa Jehova le dinyewe.


Jehojada a beela baprista ba Balevi dikabelo tsa mosebetsi wa ntlo ya Jehova, e le bao Davida a neng a ba arotse ho hlabela Jehova ditjheso ka tlung ya Jehova, kamoo ho ngodilweng molaong wa Moshe kateng, ka thabo le ka dipina kamoo Davida a laetseng kateng.


ba ne ba lebela ba tlisang dintho, ba tsamaisa bohle ba sebetsang mosebetsi wa mofuta ofe le ofe; hape, hara Balevi ho ne ho na le bangodi, le bahlahlobi, le balebedi ba menyako.


Mohlahlobi wa Balevi ba neng ba le Jerusalema e ne e le Ussi, mora Bani, mora Hashabia, mora Matthania, mora Mikea, wa bara ba Asafe, bao e neng e le dibini tse etsang tshebeletso ya ntlo ya Modimo.


Joele, mora Sikri, a bewa mohlahlobi wa bona; Juda, mora Hassenua, yena a bewa mohlahlobi wa bobedi motseng.


Dinyeweng ba tla ema, ba ahlole ka dikahlolo tsa ka, ba ahlole jwalo; meketeng ba tla boloka melao ya ka le dikomelo tsa ka, ba halaletse Disabatha tsa ka.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.


Bea baahlodi le dihlooho metseng yohle ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona melokong ya hao, ba tle ba ahlole setjhaba ka kahlolo ya ho loka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ