Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 23:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Mosebetsi wa bona e ne e le ho thusa ditloholo tsa Arone ha di sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, le mabaleng a yona, le ka dikamoreng tsa yona, le ka ho hlwekisa dintho tsohle tse halalelang, le ka ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa Tempele ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 23:28
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A haha leboteng la ntlo dikamore tse kallaneng tse le potang, a di haha maboteng a ntlo, tsa sika tempele le sehalaledisiso; a etsa dikamore tse kathoko kahohle.


Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bara ba Davida bona e ne e le ba kapele ho ba bang pela morena.


Ke e nngwe ya taba tseo Davida a qeteletseng ka tsona, ha ho kile ha etswa palo ya bara ba Levi, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele.


le ho bona mahobe a pontsha, le lefi la phofo ya dinyehelo, le maqebekwane a se nang ditomoso, le tse phehwang paneng, le tse beswang, le ditekanyo tsa boholo le tsa bongata.


A re: Ho bona, ho ke ho nkwe ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene ba tla tsamaisa tshebetso ya ntlo ya Jehova; hape, ho nkwe ba kete tse tsheletseng ho ba etsa bahlahlobi le baahlodi;


a mmolella le tsa dihlopha tsa baprista le Balevi, le tsa tshebeletso yohle ya ntlo ya Jehova, le tsa mesebetsi yohle ya tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


Ke sena seo le tla se etsa: Ba karolo ya boraro ba lona ba tlang tshebeletsong ka Sabatha, e le baprista le Balevi, ba tla lebela menyako;


Ho se ke ha kena motho tlung ya Jehova, haese baprista, le Balevi ba tshwereng tshebetso; bona ba ka kena, etswe ba halalehile, mme setjhaba sohle se tla lebela Jehova.


Ba phutha banababo bona, ba itlhwekisa, mme ka taelo ya morena, le ka ho ya ka mantswe a Jehova, ba kena ho hlwekisa ntlo ya Jehova.


a re ho bona: Mmameleng, lona Balevi! Itlhwekiseng jwale, le hlwekise ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata lona, mme le lahlele ditshila kantle ho sehalalelo.


Yaba Esekiase o laela hore ho lokiswe dikamore ka tlung ya Jehova, mme tsa lokiswa,


Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova.


Fadimehang, le di boloke, ho fihlela mohla le tla lekanya boima ba tsona pontsheng ya dihlooho tsa baprista le Balevi, le dihloho tsa matlo a bontata Iseraele, hae Jerusalema, kamoreng tsa ntlo ya Jehova.


Phethahia, mora Meshesabeele, wa bara ba Sera, mora Juda, o ne a beilwe ke morena ho ela ditaba tsohle tsa setjhaba hloko.


Ka ntoo laela hore dikamore di hlwekiswe, mme ka busetsa teng mesebetsi ya ntlo ya Modimo le dinyehelo le dibano.


ka ba tlisa ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya bana ba Hanane, mora Jigdalia, monna wa Modimo, mabapa le kamore ya matona, e hodima kamore ya Maaseia, mora Shallume, molebedi wa monyako.


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


Hape mahlakoreng a mathule, le dikamoreng tse mahlakoreng a ntlo, ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, tse nang le marulelonyana, le dipalema ka kwano le ka kwana.


Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.


Mabapa le ditswe tse mashome a mabedi tsa lebala le kahare, le mabapa le mokato wa lebala le kantle, dikgorwana di ne di bapile le dikgorwana, dikamoreng tsa mela e meraro.


ke tla ba bea balebedi ba dintho tseo ke di beileng ka tlung, ho sebetsa mosebetsi wohle wa ntlo le tsohle tse tshwanetseng ho etswa ho yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ