16 E moholo ho bara ba Gershome ke Shebuele.
16 Hlooho ya bara ba Gereshome e ne e le Shebuele;
Bara ba Moshe ke Gershome le Eliesere.
Bara ba Eliesere, e moholo ke Rehabia. Eliesere o ne a se na bara ba bang; empa bara ba Rehabia ba ne ba le bangata.
Haele bara ba bang ba Levi, dihlooho tsa bona ke tsena: Ho bara ba Amrame ke Shubaele; ho bara ba Shubaele ke Jehdia;
Ya leshome le metso e meraro ya ntsha Shubaele; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.
Ho Hemane, bara ba Hemane ke Bukkia, Matthania, Usiele, Shebuele, Jerimothe, Hanania, Hanani, Eliatha, Giddalthi, le Romamthi-Esere, Joshbekasha, Mallothi, Hothire, le Mahasiothe.
Shebuele, mora Gershome, mora Moshe, e ne e le molebedi wa matlotlo.