Ba ema diemeng tsa bona, ka mokgwa wa teng, kamoo ho laetseng molao wa Moshe kateng, monna wa Modimo; mme baprista ba ne ba tsholla madi ao ba neng ba a amohela matsohong a Balevi.
Teng, Joshua, mora Jotsadake, le banababo e leng baprista, le Sorobabele, mora Salathiele, le banababo, ba ema, ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, ho hlabela mahlabelo a ditjheso ho yona, ka ho ya ka se ngodilweng molaong wa Moshe, monna wa Modimo.
Ebile bana ba Juda ba tla ho Joshua Gilgale; Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, a re ho yena: O tseba taba eo Jehova a neng a e bolelle Moshe, monna wa Modimo, bakeng sa ka le sa hao, ha re le Kadeshe-Barnea.