Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 23:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bara ba Kehathe ke Amrame, Jitsehare, Hebrone le Usiele; ba bane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Bara ba Kohate ba ne ba le bane, e le Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 23:12
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jahathe ke e moholo; wa bobedi ke Sina; haele Jeushe le Beria, ba ne ba se na bana ba bangata; ha ho le jwalo, palong ba etsa ntlo e le nngwe ya bontata Balevi.


Bara ba Amrame ke Aarone le Moshe; Aarone yena a kgethwa, hore a tle a halaletswe ka ho sa feleng ka kgalalelo e fetisang, e le yena le bara ba hae, mme ba tjhese dibano pela Jehova, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae ka ho sa feleng.


Bara ba Kehathe ke Amrame, Jitsehare, Hebrone, le Usiele. Bana ba Amrame ke Aarone, Moshe, le Miriame.


Bara ba Aarone ke Nadabe, Abihu, Eleasare, le Ithamare.


Bara ba Kehathe: Amrame, le Jitsehare, Hebrone, le Usiele: mme dilemo tsa ho phela ha Kehathe tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro.


Ke ana matlo a Levi: ntlo ya Badibni, ntlo ya Bahebrone, ntlo ya Bamahadi, ntlo ya Bamushi, ntlo ya Bakore. Kehathe a tswala Amrame.


Ka Kehathe ho hlahile ntlo ya Baamrame, le ntlo ya Bajitsehare, le ntlo ya Bahebrone, le ntlo ya Bausiele; ke ao matlo a Bakehathe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ