1 Dikronike 22:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)7 Davida a re ho Salomone, mora wa hae: E ne e le kgopolo ya pelo ya ka hore ke hahele lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE7 Davida a re ho Solomone: “Mora ka, ke ne ke rerile ho hahela Morena Modimo wa ka, Tempele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng.
Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.
Etlare ha nqalo eo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona e le hole le wena, o tla hlaba dikgomo le dinku tsa hao tseo Jehova, Modimo wa hao, a o neileng tsona, o hlabe kamoo ke o laetseng kateng, mme o tla ja nama menyakong ya metse ya hao, kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng.