Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 22:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Na Jehova, Modimo wa lona, ha a na le lona na? Hape, na ha a ka a le fa phomolo ka nqa tsohle na? Hobane o fela a neile baahi ba lefatshe matsohong a ka, mme lefatshe le kokobeditswe pela Jehova le pela setjhaba sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 “Ha ke re Morena Modimo wa lona, o na le lona? Ha ke re o le neile kgotso kahohle? O neelane ka baahi ba naha ena matsohong a ka, mme naha ena e buswa ke Morena le setjhaba sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 22:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena ha a dutse tlung ya hae, ha Jehova a mo phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hae tse mo teetseng hare,


Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.


hobane Davida o ne a itse: Jehova, Modimo wa Iseraele, o neile setjhaba sa hae phomolo, mme o tla aha Jerusalema ka ho sa feleng;


Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


hobane Jehova, Modimo wa lona, o tsamaya le lona ho le lwantshetsa dira tsa lona, le ho le namolela.


Marena ao wohle le mafatshe a wona Joshua a a hapa kaofela ka nako e le nngwe, hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a lwanela Baiseraele.


Mme jwale, Jehova, Modimo wa lona, o kgatholotse banababo lona, jwalokaha a ne a ba boleletse; ka baka leo, ikgutleleng jwale, le ipoelle tenteng tsa lona, fatsheng leo le le ruileng, leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose wane wa Jordane.


Jehova, ha e se e le kgale a kgatholotse Baiseraele direng tsa bona tse ba teetseng hare, Joshua le yena a se a tsofetse, a hodile,


O nteballe molato, ke le lekgabunyane la hao. Jehova a etsetse monga ka ntlo e tiileng; hobane ke wena, monghadi, ya lwanang dintwa tsa Jehova, mme bobe ha bo a ka ba fumanwa ho wena le ka mohla o le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ