1 Dikronike 22:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)17 Yaba Davida o laela balaodi bohle ba Iseraele ho thusa Salomone, mora wa hae, a re: အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE17 Davida o ne a ile a laela mahosana wohle a Baiseraele hore a thuse mora wa hae, Solomone, mme a re ho wona: အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Bona hape, dihlopha tsa baprista le tsa Balevi ke tseo, kamoo di lokiseditsweng tshebeletso yohle ya ntlo ya Modimo kateng; hape, bakeng sa mosebetsi wohle, o na le banna bohle ba pelo tse ratang, ba masene mesebetsing yohle; hapehape, dihlooho le sona setjhaba kaofela ha sona di tla ba teng ho wena, ho etsa tsohle tseo o tla di laela.