Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 22:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Feela, Jehova a ke a o nee kelello le kutlwisiso, a etse hore o rene Iseraeleng, o ntse o bolokile molao wa Jehova, Modimo wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Morena a ke a o fe bohlale le kutlwisiso, a etse hore o buse Baiseraele, o tle o tsebe ho boloka molao wa Morena Modimo wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 22:12
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O boloke taelo ya Jehova, Modimo wa hao, ka ho tsamaya tseleng tsa hae, o ye le ka melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le mantswe a hae, le ditemoso tsa hae, kamoo di ngodilweng kateng, molaong wa Moshe, e be hore o tle o atlehe ditabeng tsohle tseo o tla di etsa, le hohle moo o tla leba teng.


Jwale ako nnee bohlale le kelello, ke tle ke tsebe ho tswa le ho boya pontsheng ya setjhaba sena; hobane ana ke mang ya ka ahlolelang tjhaba sena sa hao se sekakale?


Mphe kutlwisiso, ke tle ke boloke molao wa hao, ke etse ka wona ka pelo ya ka yohle.


Oho Modimo, o nee morena dikahlolo tsa hao, ho loka ha hao ho fuwe mora morena.


Bohlale ba motho ya masene bo mo bontsha tsela ya hae, empa bosawana ba setseketseke bo a se thetsa.


hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.


Di bolokeng, le etse ka tsona, hobane ke tsona tseo e tla ba bohlale ba lona, le kelello ya lona pela ditjhaba tse tlang ho utlwa melao ena kaofela; di tla re: Tjhaba seno se seholo, ruri ke setjhaba se hlalefileng, se nang le kelello.


Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.


Moo re lemohang hoba re tseba Modimo ke ha re boloka ditaelo tsa wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ