Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 22:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jwale, mora ka, Jehova a ke a be le wena, hore o tle o atlehe, mme o hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa hao, kamoo a felang a boletse kateng, bakeng sa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 “Jwale he, mora ka, Morena a ke a be le wena, a o atlehise, o tle o tsebe ho hahela Morena Modimo wa hao, Tempele, jwalokaha a itse o tla etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 22:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, ha di na palo. Ema, o sebetse, mme Jehova a ke a be le wena.


Davida a eketsa a re ho Salomone, mora hae: Iphe matla, mme o tiye, mme o etse. Se tshabe, mme o se ke wa tshoha; hobane Jehova Modimo, Modimo wa ka, o tla nne a be le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o furulla, ho be ho phethehe mosebetsi wohle wa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


Salomone, mora Davida, a tiisetswa boreneng ba hae, mme Jehova Modimo wa hae, a nna a ba le yena, a mo phahamisa haholo.


Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng; hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse; ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo;


Jehova, ke wena ya re fang kgotso, hobane ke wena ya sebetsang bakeng sa rona tseo re di etsang kaofela.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Jwale, Modimo wa kgotso o be le lona bohle! Amen!


Morena Jesu Kreste a be le moya wa hao! Mohau o be le lona! Amen!


Davida a eketsa, a re: Jehova ya nnamoletseng marong a tau le marong a bere, o tla nnamolela le matsohong a Mofilesta eo. Ebile Saule o re: Eya, Jehova a be le wena.


Jehova a etse Jonathane ka hore le ka hore; ha ntate a fela a hopotse ho o etsa hampe, ke tla o tsebisa, ke o tlohele, o tle o ikele ka kgotso. Jehova yena o tla ba le wena, jwalokaha a bile le ntate.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ