Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Taba eo ya eba mpe mahlong a Modimo, mme a otla Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ketso ena ya Davida ya se ke ya kgahla Modimo, mme ka baka leo, a otla Baiseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane a role thapo, Davida a romela ho mo nkela ha hae, ya eba mosadi wa hae, a ba a mo tswalla moshemane. Empa taba ena, e entsweng ke Davida, ya eba mpe mahlong a Jehova.


Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.


Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


Masapo a Saule le a Jonathane mora hae, a epelwa fatsheng la Benjamine, Tsela, lebitleng la Kishe ntatae. Ha etswa kahohle kamoo ho laetsweng kateng, ke morena. Kamora tseo Modimo wa hauhela lefatshe.


Jehova a boela a halefela Baiseraele, mme a ba a susumelletsa Davida, a re: Eya, o bale Iseraele le Juda.


Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.


Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.


Jehova a romela lefu le leng la sewa Iseraeleng, mme ha eshwa batho ba dikete tse mashome a supileng ba Iseraele.


A mpa a sa ka a bala Levi le Benjamine; hobane taelo eo ya morena e ne e le e kgesehang ho Joabe.


Davida a re ho Modimo: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale, oho, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao, hobane ke entse ka bothoto bo boholo.


Bana ba Iseraele ba tlola molao wa ntho tse entsweng anathema. Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a nka tsa tse entsweng anathema; mme Jehova a halefela bana ba Iseraele ke hona.


Ema, o hlwekise setjhaba, o re: Le itlhwekisetse hosasane, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Anathema e teng ho wena, Iseraele; o ke ke wa ema pela dira tsa hao, anathema e eso ho tloswe hara lona.


Banna ba Ai ba bolaya banna ba mashome a mararo a metso e tsheletseng ho bona, mme ba ba phallela ho tloha kgorong ya motse ho isa Shebarime, ba ba bolaela le motheong; ebile setjhaba se nyahama dipelo, tsa eba jwaloka metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ