Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Joabe a bolella Davida palo ya bongata ba setjhaba: Iseraeleng ho ne ho le banna ba tsomolang sabole ba sekete sa dikete se nang le lekgolo le le leng la dikete; haele Juda, ho ne ho na le banna ba tsomolang sabole ba dikete tse makgolo a mane a mashome a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Joabe a fihla a bolella kgosi Davida palo ya setjhaba. Baiseraele bohle, bao e neng e le matsholathebe, ba ne ba le mileone le dikete tse lekgolo. Ba morabe wa Juda ba ne ba le dikete tse makgolo a mane le mashome a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:5
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Joabe o nea morena palo ya bongata ba setjhaba; ho ne ho le Iseraeleng kete tse makgolo a robileng meno e le mmedi tsa banna ba ntwa ba tsomolang sabole, banna ba Juda bona e le ba dikete tse makgolo a mahlano.


Leha ho le jwalo, taelo ya morena ya hlola Joabe. Joabe a tswa, a ya le Baiseraele bohle, a ntoo kgutlela Jerusalema.


Davida o ne a sa ka a bala palo ya Baiseraele ba neng ba na le dilemo tse sa fihleng mashomeng a mabedi; etswe Jehova a ne a boletse hore o tla atisa Iseraele, a be ka ka dinaledi tsa lehodimo.


Joabe, mora Tseruja, o ne a qadile ho ba bala, empa a sa ka a phetha, hobane Jehova o ne a halefetse Iseraele, ka baka la palo eo; ke kahoo palo e sa kang ya kena mangolong a morena Davida a ngolwang ka letsatsi le leng le le leng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ