Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 mme Davida o ne a sitilwe ho ya pela aletare eo ho botsa Modimo, hobane a ne a tshositswe ke sabole ya lengeloi la Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Empa Davida o ne a ke ke a ya teng ho ya botsa Morena, hobane o ne a tshaba sabole ya lengeloi la Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:30
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsatsing leo, Davida a tshaba Jehova, a re: Areka ya Jehova e ka tla jwang ha ka?


Tsatsing leo, Davida a tshaba Modimo, a re: Nka isa areka ya Modimo jwang ha ka?


Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.


Motsotsong oo, tabernakele ya Jehova, e na beng e entswe ke Moshe nahathothe, le aletare ya ditjheso, di ne di le nqalong e phahameng ya Gibeone;


Yaba Davida o re: Ke hona mona moo ntlo ya Jehova Modimo, ke hona mona moo aletare ya ditjheso tsa Iseraele.


O honyetse letsoho la hao hole le nna, mme o se ke wa ntshosa ka letsoso la hao.


Leha ke hopola hoo, ke ye ke timellwe ke mehopolo, mme nama ya ka e sisimohe.


Ke ka baka leo ke thothomelang pela wona; ha ke hopola, ke o tshohe hampe.


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Matla a bohale ba hao le botshabeho ba kgalefo ya hao ke mang ya di elang hloko?


Ya ka beng a sa o tshabe ke mang, Morena wa ditjhaba? Hobane o lokelwa ke ho tshajwa, hobane hara ba hlalefileng kaofela ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya tsona ha ho ya jwaloka wena.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Mme jwale, Iseraele, Jehova, Modimo wa hao, o batlang ho wena, haese hore o tshabe Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye tseleng tsa hae tsohle, o mo rate, mme o sebeletse Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle,


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


Ya sa tlo o tshaba ke ha e le mang, Morena? Ya sa tlo tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ya halalelang ke wena o nnotshi. Mme ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame maotong a hao, kahobane dikahlolo tsa hao di beilwe pepeneneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ