Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Joabe a re: Jehova a ke a atise setjhaba, se ke se fete bongata ba sona ba jwale halekgolo! Oho, morena, monga ka, ha ke re, kaofela ha bona ke bahlanka ba monga ka na? Ke ka baka lang ha monga ka a batla hoo? Na o rata keng ho bea molato hodima Baiseraele?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Joabe a re: “Morena a ke a atise palo ya setjhaba sa hae halekgolo! Feela, monga ka, kgosi ya ka, ha ke re Baiseraele bohle ke bahlanka ba monga ka? Jwale ke ka lebaka lang ha monga ka a lakatsa ho etsa ntho ee? Ke ka lebaka lang ha monga ka a etsa Baiseraele ba tle ba sitwe?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:3
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abimeleke a bitsa Abrahama, a re ho yena: O re entseng? Kapa ke o sitetswe kae, ha o tla tlisa molato o moholo hakalo hodima ka le hodima mmuso wa ka? O nkentse taba e sa keng e be e etswe.


O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


Ebile morena Joase o bitsa moprista Jehojada le baprista ba bang, a re ho bona: Ha le a ka la lokisa dikgeo tsa ntlo keng? Kajeno, le se ke la hlola le nka ditjhelete ho ba tsebanang le lona, le mpe le di ntshetse dikgeo tsa ntlo.


O iphe matla, mme re etseng ka senna sebakeng sa setjhaba sa heso le sa metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.


Leha ho le jwalo, taelo ya morena ya hlola Joabe. Joabe a tswa, a ya le Baiseraele bohle, a ntoo kgutlela Jerusalema.


Etlare ha o bala bana ba Iseraele ho tseba palo ya bona, e mong le e mong a tle a ntshetse moya wa hae topollo, pela Jehova, mohla ba balwang, hore ba se ke ba welwa ke bolwetse, mohla ba balwang.


Yaba Moshe o re ho Aarone: Setjhaba sena se o entse jwang ha o tla se dihela sebeng se sekalo?


Kganya ya morena ke bongata ba batho; empa ho hlokahala ha bona ke tshenyeho ho ngwana morena.


O atisitse setjhaba, Jehova, o atisitse setjhaba, o itlotlisitse, o suthisitse meedi yohle ya naha.


Leloko la hao le ka ba lengata jwaloka lehlabathe la lona; bana ba hao ba tswang maleng a hao ba ka ba bangata jwaloka majwana a lona; lebitso la hao le be le ke ke la tloswa, la fediswa pela ka!


Jehova, Modimo wa bontata lona, a boele a le atise hape ha sekete ho feta kamoo le leng kateng, mme a le hlohonolofatse, jwalokaha a le boleletse.


Ba tla ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, naheng ya Gileade, ba ba bolella, ba re:


Tjhe, bara ba ka, hase ditaba tse ntle tseo ke di utlwang; le fosisa setjhaba sa Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ