Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Teng, Davida a hahela Jehova aletare, mme a hlahisa mahlabelo a ditjheso le a teboho teng; a rapela Jehova, mme a mo arabela ka ho theolela mollo aletareng ya ditjheso, o etswa lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Davida a hahela Morena aletare hona moo, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. A rapela Morena, mme Morena a mo arabela ka ho theola mollo o tswang lehodimong, a o theolela hodima aletare ya nyehelo ya setjheso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:26
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona, le nna ke bitse lebitso la Jehova, mme modimo o tlang ho araba ka mollo a e be ke wona Modimo! Setjhaba sohle sa re: O boletse hantle.


Yaba mollo wa Jehova wa theohela, o nyameletsa sehlabelo, le patsi, le majwe, le lerole, wa monya le metsi a ka moeding.


Mme Jehova a laela lengeloi hore le busetse sabole ya lona selateng.


Yaba Salomone o qala ho haha ntlo ya Jehova, Jerusalema, thabeng ya Moria, e neng e supiswe ntatae Davida, setsheng sona seo Davida a neng a se lokisitse seotlong sa Ornane Mojebuse.


Salomone eitse hobane a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa tjhesa setjheso le mahlabelo; ntlo ya tlala kganya ya Jehova;


Morena, ahlamisa melomo ya ka, mme molomo wa ka o tla tumisa dithoko tsa hao;


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela!


Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


Bitsa ho nna, mme ke tla o araba, ke o bontshe tse kgolo le tse patilweng tseo o sa di tsebeng.


Ha tswa mollo pontsheng ya Jehova, wa tjhesa setjheso le mafura aletareng; setjhaba kaofela sa ba sa bona, mme batho ba tshela mehoo ya thabo, ba wela fatshe ka difahleho.


Aarone a ntoo kgutlela ho Moshe monyako wa tente ya pokano, mme lefu le ne le kgaoditse.


Yare ha malakabe a aletare a nyolohela lehodimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le lona malakabeng a aletare, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile; mme ba itihela fatshe ka difahleho tsa bona.


Lengeloi la Jehova la isa ntlha ya lere le letsohong la lona, la ama nama le dinkgwana tse se nang ditomoso; ha tswa mollo lefikeng, mme wa tjhesa nama le dinkgwana tse se nang ditosomo; lengeloi la Jehova la ntoo tloha ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ