Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba Davida o re ho Ornane: Nnee baka sa seotlo sena, hore ke tle ke hahele Jehova aletare teng; nnee sona bakeng sa theko ya sona e phethehileng, hore lefu lena le tloswe hara setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Davida a re ho yena: “Nnee seotlo sena ke tle ke hahele Morena aletare ho sona, e le hore sewa se tle se kgaotse setjhabeng. O nthekisetse sona ka theko ya sona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:22
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hore a nnee lehaha la Makpela, leo e leng la hae, le leng pheletsong ya tshimo ya hae; a nnee lona pontsheng ya lona, hodima ditjhelete tse lekaneng, mme e be setsha sa ka sa ho epela.


Yaba ba fihla seotlong sa Athade, se leng mose ho Jordane, mme ba lla teng ka dikgapha tse kgolo tsa mahlomola; mme Josefa a dulela ntatae teng bofifi ba ditshiu tse supileng.


Arauna a re: Morena, monga ka, o tletseng ho mohlanka wa hae? Davida a re: Ke tlile ho reka seotlo ho wena, ke tle ke hahele Jehova aletare teng, hore lefu le tlohe setjhabeng.


Akabe a botsa Nabothe, a re: Nnee tshimo ya hao ya merara, ke e etse tshimo ya meroho, hobane e haufi le ntlo ya ka; bakeng sa yona ke tla o nea tshimo ya merara e e fetisang; kapa ha o rata, ke tla o nea tjhelete e lekaneng ho e reka.


Davida a fihla ho Ornane; Ornane, eitse ha a tadima, a bona Davida, mme a tswa seotlong, a inamela fatshe ka sefahleho pela Davida.


Ornane a re ho Davida: Inkele sona, mme morena, monga ka, a etse kahohle kamoo a ratang kateng. Bona, ke o nea pholo tseo ho etsa ditjheso ka tsona, le mesebetsi ya ho pola ho etsa patsi, le koro ho etsa nyehelo; ke o nea tsona kaofela.


A ema dipakeng tsa ba shweleng le tsa ba phelang; yaba lefu le a kgaotsa.


a latella monna wa Moiseraele tenteng ya hae, a ba hlaba ba babedi mpeng, monna wa Iseraele le mosadi. Yaba sewa se fela hara bana ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ