Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Davida a re ho Modimo: Na hase nna ke laetseng hore ho balwe setjhaba na? Ke nna ke sitilweng, ke nna ke entseng bobe; dinku tseo tsona di entseng na? Jehova, Modimo wa ka, tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate, mme le se ke la nna la kenya lefu setjhabeng sa hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Davida a re ho Modimo: “Ha ke re ke nna ya laetseng hore ho balwe setjhaba? Ke nna ya entseng sebe; ruri ke nna ya entseng bokgopo. Jwale dinku tsee tsona di entseng? Oho, Morena Modimo wa ka, ke a o rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso, o se ke wa otla setjhaba sa hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:17
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale he, ke a o rapela, ke le mohlanka wa hao, nke ke sale bakeng sa ngwana, ke be mofo wa morena, mme ngwana a kgutlele le banababo.


Jwale, lerumo ha le sa tla tloha tlung ya hao le ka mohla o le mong, ka baka la hobane o nnyedisitse, ha o nkile mosadi wa Uria Mohethe, hore e be mosadi wa hao.


Jehova a boela a halefela Baiseraele, mme a ba a susumelletsa Davida, a re: Eya, o bale Iseraele le Juda.


Davida, ha a bona lengeloi le bolayang setjhaba, a bolella Jehova, a re: Bona, ke nna ke entseng hampe; nku tseo tsona di entseng? Tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate!


Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, eka dinku tse se nang modisa. Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a boele ha hae ka kgotso.


Davida a re ho Modimo: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale, oho, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao, hobane ke entse ka bothoto bo boholo.


O re neetse bona jwaloka dinku tse hlajwang, wa re qhalanyetsa hara ditjhaba;


Oho Modimo, Modimo wa poloko ya ka, o ntopolle molatong wa madi a tsholohileng; mme leleme la ka le tla rorisa ho loka ha hao!


Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.


Oho Modimo, o re lahletseng kamehla? Bohale ba hao bo kubellelang mohlape oo o leng modisa wa wona?


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


A re ho bona: Nkukeng, le ntahlele lewatleng, mme lewatle le tla le kgutsetsa; hobane ke a tseba hore ke ka baka la ka sefefo sena se seholo se le hlahetseng.


Hobane, ke be nka rata hore nna ka sebele ke be anathema ka nqa ho Kreste, sebakeng sa banabeso, bao e leng ba mofuta o le mong le nna ka nama;


haele moo le furalla Jehova kajeno na? Hobane, ha le fela la fetohela Jehova kajeno, hosasane o tla halefela phutheho yohle ya Iseraele.


Moo re tsebileng lerato, ke ha Jesu a re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella banababo rona bophelo ba rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ