Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A leleka motho, mme a bea dikerubime ka nqa botjhabela ho tshimo ya Edene, tse nang le lerumo le benyang le omang ka nqa tsohle, ho thiba tsela ya sefate sa bophelo.


Akabe, ha a utlwa taba tseo, a hahola diaparo tsa hae, a itlama mmele ka lesela le mahwashe, a itima dijo, a robala ka lesela le mahwashe, a nanya butle.


Eitse morena Esekiase ha a utlwa, a hahola diaparo tsa hae, a ikapesa ka lesela le mahwashe, a kena tlung ya Jehova.


Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.


Ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, mme matsoho a Faro a tla keba, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, mohla ke beang lerumo la ka letsohong la morena wa Babilona, mme a le otlollelang lefatshe la Egepeta.


Ba re ba sa hlabaka, nna ke sa ntsane ke setse, ka itiha fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Morena Jehova, na o tla timeletsa masala wohle a Iseraele, haele moo o tshollela Jerusalema kgalefo ya hao?


Yaba Moshe le Aarone ba itihela fatshe ka difahleho pela phutheho yohle e bokaneng ya bana ba Iseraele.


Yaba ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: Oho, Modimo, wena, Modimo wa meya ya nama yohle, na leha ho sitilwe motho a le mong, o ka halefela phutheho yohle na?


Esele ya bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, le tshwere lerumo le tsomotsweng letsohong, mme ya kgeloha tsela, ya leba naheng; mme Balaame a otla esele hore e kgutlele tseleng.


Yaba Jehova o tutubolla mahlo a Balaame, mme a bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, lerumo le tsomotsweng le le letsohong la lona; a inama, a itihela fatshe ka sefahleho.


Yare ha malakabe a aletare a nyolohela lehodimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le lona malakabeng a aletare, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile; mme ba itihela fatshe ka difahleho tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ