Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 kapa lemo tse tharo tsa tlala, kapa kgwedi tse tharo tsa ho bolawa ke dira tsa hao, o qetwe ke sabole ya ba o hloileng, kapa tshiu tse tharo tseo ka tsona lerumo la Jehova le lefu la sewa le tla senya naheng ya Baiseraele, mme lengeloi la Jehova le tla timetsa batho naheng yohle ya bona. Jwale, bona hore na ke tla busetsa karabo efe ho ya nthomileng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ho be le sekoboto ka dilemo tse tharo; kapa ka nako ya kgwedi tse tharo o balehe dira tsa hao ha di ntse di o manakisa ka disabole; kapa, ho seng jwalo, ka matsatsi a mararo Morena a o futuhele ka sabole ya hae, e leng hore a dihele naha ee sewa, lengeloi la Morena le tsamaye hohle kahare ho naha ya Iseraele, le ntse le timetsa tsohle?’ Ka baka leo, inahanele karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:12
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.


Ka bona bosiu boo, ha tswa lengeloi la Jehova, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Eitse ha ba tsoha hosasa, ba bona e le ditopo feela.


Elisha a ntoo bolella mosadi eo a pholositseng mora hae, a re: Tloha, o ikele le ba ntlo ya hao, o ye ho jaka moo o ka jakang teng; hobane Jehova o laelitse tlala, mme e fela e tla wa lefatsheng ka dilemo tse supileng.


Gade a ya ho Davida, a re ho yena: Jehova o re: Ikgethele seo o se ratang,


leha e lefu le kgukgunang lefifing, leha e le tshenyo e bolayang motshehare o moholo.


Hobane Jehova o tla haola ka Egepeta, a e otle, mme etlare ha a bona madi sefateng se hodimo le dikoseneng, Jehova o tla feta hodima monyako, a se ke a dumella mosenyi hore a kene ka matlung a lona ho le otla.


Hobane Jehova o tla ahlola nama yohle ka mollo, a otle nama yohle ka lerumo la hae; palo ya ba tlang ho bolawa ke Jehova e tla ba kgolo.


Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.


lerumo leo le le balehelang le tla le fihlela teng lefatsheng la Egepeta, le tlala eo le e balehelang e tla le kgomarela Egepeta, le shwele teng.


Jo! Sabole ya Jehova, o tla phomola neneng? Kgutlela selateng sa hao, o kgutse, o eme!


Ho iketlile ba bolailweng ke lerumo ho feta ba bolailweng ke tlala; bana ba fedile ba bolailwe ke ho hloka se bewang ke tshimo.


Le tla ja dikotulo tsa kgale, mme le tla tlosa tsa kgale ho suthela tse ntjha.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Kannete ke re ho lona: Basadi ba bahlolohadi ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng, mehleng ya Elia, mohla lehodimo le kwalwang ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, mme tlala e kgolo ya eba teng lefatsheng lohle;


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


Empa ekare ha o sa utlwe lentswe la Jehova, Modimo wa hao, mme ha o sa itise ho boloka ditaelo tsa hae tsohle, le melao ya hae eo ke o laelang yona kajeno, dithohako tsena tsohle di tla o fihlela, di o tlele.


Jehova o tla o otla ka lefu la matshwafo, ka febere, ka lefu le fubisang, ka pabo e tjhesang haholo, ka lerumo, ka komello, le ka phori; mme o tla lelekwa ke tsona, o be o timele.


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


Jehova o tla o otla ka mofetshe wa Egepeta le ka dithopane, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho le ke keng la fola.


Jehova o tla o otla mangoleng le diropeng tsa hao ka diphatshwa tse bohlokohloko tse ke keng tsa fola, ho qala bohatong ba leoto ho isa hara hlooho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ