Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Satane o tsohela Iseraele matla, mme a susumetsa Davida hore a bale Baiseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Satane a tsohela Baiseraele matla, mme a hlohleletsa Davida hore a bale Baiseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:1
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bao e ne e le ba mofuta wa Barefaime ba Gathe; ba eshwa ka matsoho a Davida le a bahlanka ba hae.


Joabe, mora Tseruja, o ne a qadile ho ba bala, empa a sa ka a phetha, hobane Jehova o ne a halefetse Iseraele, ka baka la palo eo; ke kahoo palo e sa kang ya kena mangolong a morena Davida a ngolwang ka letsatsi le leng le le leng.


Bao kaofela ke bana ba Asere, e ne e le dihlooho matlung a bontata bona, banna ba kgethilweng, ba bahale, ba baholo hara mahosana. Ka ho ya ka lesika la bona, ba teng ba neng ba loketse ho futuha le ho lwana e ne e le ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng.


Hape, ka tsatsi le leng, ha bara ba Modimo ba boela ba itlhahisa pela Jehova, Satane le yena a itlhahisa le bona pela Jehova.


Etlare ha o bala bana ba Iseraele ho tseba palo ya bona, e mong le e mong a tle a ntshetse moya wa hae topollo, pela Jehova, mohla ba balwang, hore ba se ke ba welwa ke bolwetse, mohla ba balwang.


Yaba Jehova o mpontsha Joshua, moprista e moholo, a eme pela lengeloi la Jehova, mme Satane a eme ka letsohong la hae le letona, ho mo hanela.


Yaba moleki o mo atamela, a re: Ha o le Mora Modimo, ere, majwe ana a fetohe mahobe.


Eitse hobane a bolele taba tseo, bangodi le bafarisi ba qala ho mmuisa haholo, ba tle ba mmoledise hodima tse ngata.


Morena a re: Simone! Simone! bona, Satane o le qetse hore a le hlokole jwaloka koro;


Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka,


Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na?


A re lebelaneng, re tle re isane ka tjheseho leratong le mesebetsing e metle.


Motho ha a lekwa, a se ke a re: Ke lekwa ke Modimo. Hobane Modimo ha o lekwe ke bobe, mme ha o leke motho ka jona.


Jwale ka utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; hobane moqosi wa banababo rona, ya neng a ba qosa pela sefahleho sa Modimo motshehare le bosiu, o dihetswe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ