Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 20:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Joabe a tsamaisa makgotla a ntwa, mme a senya lefatshe la bana ba Ammone, a ntoo ya thibella Rabba; Davida yena a sala Jerusalema. Joabe a hlola Rabba, a o heletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di tlwaetseng ho futuha ka yona, Joabe a tswa le mabotho, me a ripitla naha ya Baamone. Kamorao ho moo a ya etsetsa motse wa Raba thibella. Ha e le Davida yena o ne a setse Jerusalema. Joabe a hlola motse wa Raba, mme a o timetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 20:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Davida a roma Joabe le bahlanka ba hae le Baiseraele bohle, ba ya, ba senya lefatshe la bana ba Ammone, ba ntoo ya thibella Rabba. Haele Davida, a sala Jerusalema.


Davida ha a fihla Mahanaime, Shobi, mora Nahashe wa Rabba, wa bana ba Ammone, le Makire, mora Ammiele wa Lodebare, le Barsillai, Mogileade wa Roglime,


Yaba moporofeta o tla ho morena wa Iseraele, a re ho yena: Iphe matla, o tsebisise, o bontshise seo o se etsang, hobane isao morena wa Siria o tla boya, a o lwantshe.


Eitse isao, Ben-Hadade a bala Basiria, a tla Afeke, ho lwantsha Iseraele.


Elisha a shwa, a patwa. Selemo, dihlopha tsa Bamoabe tsa futuhela naheng ya Iseraele.


Eitse ha bahlanka ba Hadaresere ba bona hoba ba hlotswe ke Baiseraele, ba etsa kgotso le Davida, mme ba mo sebeletsa. Mme Basiria ha ba ka ba hlola ba dumela ho tlatsa bana ba Ammone.


Bona, ke nna ke bopileng lelala le futhang mashala nekong, le teang lerumo kamoo le hopotseng kateng, mme esale nna ke bopileng mosenyi ho senya.


Yaba ke re: Ho fihlela neng, Morena? A re: Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi, le matlo a hloka batho, le naha e senyeha, e eba lesupi;


O etse tsela e nngwe ya lerumo ho ya Rabba wa bana ba Ammone, e nngwe ho ya Jerusalema, motse o matla wa Juda.


Ke tla etsa Rabba makgulo a dikamele, naha ya bana ba Ammone e be metebo ya dinku; le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


ke tla hotetsa mollo kahara lerako la Rabba, o tle tjhese matlo a teng a borena hara mokgosi, tshiung ya ntwa, hara ditsokotsane, tsatsing la sefefo.


[Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.]


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ