Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Tshiung tseo ho neng ho busa baahlodi, tlala ya wela lefatshe la Iseraele. Yaba monna e mong wa Bethlehema-Juda o tloha, a ya jaka naheng ya Moabe, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi.
Ba ntoo tsamaya ba babedi, ba ba ba fihla Bethlehema. Eitse ha ba kena Bethlehema, motse kaofela wa dumaduma ka baka la bona, ha thwe: Na enwa hase Naomi na?
Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema!