Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 2:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bageshure le Baarame ba ba amoha metse ya Jaire, le Kenathe ka metsana ya teng, e le metse e mashome a tsheletseng. Metse eo kaofela e ne e le ya bara ba Makire, ntata Gileade.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Gesure, le Arame ba hapa Metse ya Jaire, le Kenate le metsana ya yona. E ne e le metsana e mashome a tsheletseng. Bana bohle ke ditloholo tsa Makiri, ntata Gileade.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 2:23
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro, mme bara ba Makire, mora Manasse, le bona ba tswallwa mangoleng a Josefa.


Absalome ha a baleha, a ya Geshure, a dula teng dilemo tse tharo.


Ke Bene-Gebere, a beilwe Ramothe-Gileade, metseng ya Jaire, mora Manasse, naheng ya Gileade; a bewa le naheng ya Argobe, Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng e meholo e nang le marako le mekwallo ya koporo.


Segube a tswala Jaire, ya ileng a ba le metse e mashome a mabedi a metso e meraro naheng ya Gileade.


Eitse hobane Hetsrone a timele Kaleb-Efratha, Abija, mosadi wa Hetsrone, a boela a mo tswalla Ashure, ntata Tekowa.


Jaire, mora Manasse, a nka naha yohle ya Argobe ho isa moeding wa Bageshure le wa Bamaakathe, mme a reella metse ya Bashane lebitso la hae; e ntse e le Havvoth-Jaire le kajeno.


Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba ka ba leleka Bageshure, leha e le Bamaakathe; Bageshure le Bamaakathe ba ahile Iseraeleng ho fihlela kajeno.


Naha ya bona ke ho tloha Mahanaime, Bashane kaofela, mmuso wohle wa Oge, morena wa Bashane, le metsana yohle ya Jaire, e Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ