Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 2:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Abigaile a tswala Amasa; ntata Amasa ke Jethere, Moishmaele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Abikaele a tswala Amasa, eo ntatae e neng e le Jetere wa Moishemaele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 2:17
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tulong tsa Joabe, Absalome a bea Amasa molaodi wa makgotla. Amasa eo e ne e le mora motho ya bitswang Jithra, Moiseraele, ya neng a kene ho Abigaile, moradi wa Nahashe, ngwanabo Tseruja, mma Joabe.


Le ho Amasa le re: Na ha o masapo a ka le nama ya ka na? Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa bewe molaodi wa makgotla a ka kamehla, tulong tsa Joabe.


Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


Hape, o tseba seo Joabe, mora Tseruja, a nkentseng sona, e leng seo a se entseng balaodi ba babedi ba makgotla a Iseraele, Abnere mora Nere, le Amasa mora Jethere, kamoo a ba bolaileng kateng, a tsholla kgotsong madi a ka tshollwang ntweng, a qaphaletsa senyepa sa hae se thekeng la hae, le dieta tsa hae tse maotong a hae ka madi a ka tshollwang ntweng.


Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


dikgaitsedi tsa bona ke Tseruja le Abigaile. Bara ba Tseruja ke Abishai, Joabe, le Asaele; bona ba bararo.


Haele Kalebe, mora Hetsrone, a tswala bana ka mosadi wa hae Asuba le ka Jeriothe; bara ba hae ka Asuba ke Jeshere, Shobabe, le Ardone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ