Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 19:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; haele marena a tlileng, a ema thoko naheng, sebakeng sa wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Baamone ba tswa, ba thea theko ya ntwa kapele ho kgoro ya motse. Dikgosi tse neng di tlile ho tla thusetsa, di ne di le naheng, di le ding.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 19:9
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, bana ba Ammone ba tswa, ba hlopholla ntwa pela kgoro ya motse; Basiria ba Tsoba le ba Rehobe, le ba Tobe, le ba Maaka, ba dula tulong tsa bona naheng.


Morena a re ho bona: Ke tla etsa se leng setle mahlong a lona. Yaba morena o ya ema pela kgoro ya motse, mme setjhaba kaofela sa tswa ka makgolo le ka dikete.


Ben-Hadade, morena wa Siria, a bokella makgotla wohle a hae, a ena le marena a mashome a mararo a metso e mmedi, le dipere, le makoloi; a nyoloha, a futuhela Samaria, a o thibella.


Etsa hona: O tlose e mong le e mong wa marena ana tulong tsa hae, o bee balaodi ba makgotla bakeng sa wona.


Joabe ha a bona hoba o ya tlelwa ke ntwa tse pedi, e nngwe e le kapele, e nngwe e tla kamora hae, a kgetha mokgetho wohle wa Iseraele, a ba lokisa hore ba tadime ntwa ya Basiria;


Davida ha a utlwa, a roma Joabe le sera sohle sa banna ba ntwa.


Ntwa ya eba teng mahareng a Abija le Jeroboame. Abija yena a futuha a ena le sera sa bahlabani ba dikete tse makgolo a mane ba kgethilweng; Jeroboame le yena a ya hlopholla ntwa ya hae ya bahlabani ba bohale ba dikete tse makgolo a robileng meno e le mmedi ba kgethilweng.


Asa a tswela ho mo kgahlanyetsa; mme ba hlopholla dintwa tsa bona sekgutlong sa Tsefata, haufi le Maresha.


e be yena moya wa kahlolo ho ya dutseng ho ahlola, le matla a ba lelekisang dira ho isa dikgorong tsa motse wa tsona.


Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlomeletse ntwa jwaloka motho ya tlang ho o lwantsha, wena moradi wa Babilona.


Ba thala ka modumo o kang wa makoloi a mathang hodima dithaba; ke modumo o kang wa lelakabe la mollo le tjhesang matlakala; ba jwaloka setjhaba se matla se itokiseditseng ntwa.


Saule le banna ba Iseraele le bona ba phutheha, ba tla, ba emisa pela sekgutlo sa Ela, mme ba hlopholla makgotla ho ya kgahlanyetsa Bafilesta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ