Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 19:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ba adima makoloi a dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; le yena morena wa Maaka le setjhaba sohle sa hae ba tla, ba emisa pela Medeba. Bana ba Ammone ba phutheha metseng ya bona, mme ba tloha ho ya ntweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ba hira dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; ba hira le kgosi ya Maaka le bahlabani ba yona, mme bona ba tla, ba fihla ba hloma diahelo tsa bona haufi le Medeba. Baamone ba phutheha metseng ya bona, ba itokisetsa ho lwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 19:7
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


Davida a hapa makoloi a hae a sekete se le seng, le bapalami ba dikete tse supileng, le ba maoto ba dikete tse mashome a mabedi. Davida a kgaola mesifa ya maoto a dipere tsa makoloi kaofela, a ipolokela tsa makoloi a lekgolo feela.


Davida ha a utlwa, a roma Joabe le sera sohle sa banna ba ntwa.


Serake wa Moethiopia a ba futuhela a ena le sera sa batho ba dikete tse sekete le makoloi a makgolo a mararo, mme a fihla Maresha.


Baegepeta ba ba phallela, mme mapere le makoloi kaofela a Faro le bapalami ba hae le sera sa hae kaofela ba ba fihlela ba emisitse pela lewatle, pela Pi-Hahirothe, malebana le Baale-Tsefone.


Kire-Moabe o patetswe bosiu; o fedile. Batho ba teng ba nyolohela tempeleng le Dibone, nqalong tse diphahameng, ho ya lla teng; Bamoabe ba llela Nebo le Medeba, mangetse kaofela a kutilwe, le ditedu di beotswe.


Re ba betsitse ka metsu ya rona. Tsohle di sentswe ho tloha Heshbone ho isa Dibone; re sentse ho ya fihla Nofake, le ho isa Medeba.


Moedi wa bona o ne o tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone le motseng o hara sekgutlo sa yona, le sehlabeng sohle se pela Medeba;


ho tloha Aroere o lebopong la sekgutlo sa Arnone, le motseng o hara sekgutlo, sehlaba sohle sa Medeba ho isa Dibone;


Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, hobane Sisera o ne a na le makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong; bana ba Iseraele ba tujwa hampe ke yena ka dilemo tse mashome a mabedi.


Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ