1 Dikronike 19:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Empa baholo ba bana ba Ammone ba re ho Hanune: Ha Davida a rometse batshedisi ho wena, hleka o re, ke ka ho hlonepha ntatao na? Ha bahlanka ba hae ba tlile ho wena, na hase ka baka la ho tla qamakisisa motse, le ho timetsa, le ho hlwela naha na? အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE3 Empa mahosana a Baamone a re ho Hanune: “O bona eka Davida o tlotla ntatao, ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na bahlanka ba hae ha ba a tla ho wena moo ho tla hlahloba naha, le ho e hlwela, hore ba tle ba e hape?” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Marena a Bafilesta a mpa a mo halefela, mme marena a Bafilesta a re ho yena: Kgutlisa monna eo, a kgutlele moo o mmeileng teng, a se ke a ya ntweng le rona, esebe mohlomong a ka tshoha a iphetola lehlabaphio ho rona hara ntwa. Ana e ka ba ka mokgwa ofe a ka iketsang ya kgahlisang monga hae, haese ka dihlooho tsa banna bana na?