Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 19:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O iphe matla, mme re etseng ka senna sebakeng sa setjhaba sa heso le sa metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Tiisa matla, re lwane ka sebete, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 19:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etsa ka senna, o iphe matla ho lwanela setjhaba sa heso le metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.


Le mohlomong, leha a ka bolela hore ha a kgahlwe ke nna, ke nna enwa, a ke a etse ka nna kamoo a ratang kateng.


A re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle, o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.


Yaba Joabe le setjhaba sohle se ho yena ba atamela ho lwantsha Basiria, mme Basiria ba baleha pela hae.


Ema, hobane taba ena ke ya hao; re tla o emela, o iphe matla, o sebetse.


Ka tadima, ka ema, ka re ho baholo le ho mahosana le ho ba bang ba setjhaba: Le se ke la ba tshaba; le mpe le hopole Morena e moholo ya tshabehang, mme le lwanele banababo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.


Ho tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe, mme ha a ka a bea molato ho Modimo.


O itshepele Jehova, o be matla, pelo ya hao e tiye! O itshepele Jehova.


Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.


Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.


Joshua a ntoo re ho bona: Se tshabeng, le se ke la tshoha, itiiseng, le be banna; hobane Jehova o tla etsa jwalo le ka dira tsohle tsa lona tseo le tla di lwantsha.


Bana ba Iseraele ba re ho Jehova: Re sitilwe; etsa ka rona kahohle kamoo o ratang kateng; feela, o re namolele kajeno.


Davida a re ho Saule: Ho se ke ha eba ya felang pelo ka baka la motho eo; mohlanka wa hao o tla ya, a lwane le Mofilesta eo.


Ka baka leo, Samuele a mo tsebisa taba tsohle, a se ke a mo patela letho. Ebile Eli o re: Ke Jehova, a ke a etse kamoo a ratang kateng.


Oho, Bafilista, ipheng matla, le etse ka senna, e se be la ba bafo ba Baheberu, jwalokaha e bile bafo ba lona. Etsang ka senna, mme le lwane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ