Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 18:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 A bea balebedi Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 18:13
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a re ho yena: Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao; mefuta e mmedi e tla ikarohanya e etswa maleng a hao, setjhaba se tla hlola setjhaba se seng, mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.


Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!


Isaaka a arabela Esau, a re: Bona, ke mo entse morena wa hao, mme ke mo neile banababo kaofela hore e be bahlanka ba hae; ke bile ke mo babaletse le ka koro le veine; mme jwale wena, nka o neang, mora wa ka?


empa o tla phela ka lerumo la hao, o sebeletse moenao; etlare ha o etsa ka matla, o tla roba joko ya hae, o e kwele molaleng wa hao.


Davida yena o ne a le seqhobong, mme sehlopha sa Bafilesta se ne se le Bethlehema.


Hobane, mohla Davida a neng a futuhetse Edomo, Joabe, molaodi wa makgotla a hae, hoba a epele ditopo, a ya, a bolaya ba batona bohle ba Edomo.


Abishai mora Tseruja, a qhala Baedomo Thoteng ya Letswai, e le batho ba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.


Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme a nna a etsa setjhaba sa hae kaofela ka ho loka le ka bokgabane.


Davida a ntoo bea balebedi naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Jehova o tla o sireletsa bobeng bohle; o tla boloka moya wa hao.


wena ya neang marena poloko, wena ya namoletseng mohlanka wa hao, Davida lerumong le bolayang.


Edomo ke leruo la hae; Seire, sera sa hae, o ruuwa ke yena, mme Iseraele o hlahisa bonatla ba hae;


Enere mohla ke neng ke le Damaseka, mmusisi wa morena Aretase o ne a beile dihlwela motseng wa Badameseka, a rata ho ntshwara.


Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.


Jonathane a qhala ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng Gibea, mme Bafilesta ba utlwa. Ebile Saule o letsa terompeta naheng yohle, a re: Baheberu ba utlwe!


Ka tsatsi le leng, Jonathane, mora Saule, a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re fetele ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng mose wane, maloka le mona. A mpa a se ke a tsebisa ntatae.


Davida a etsa tsohle ka masene, mme Jehova o ne a le ho Yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ