Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 18:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Abishai mora Tseruja, a qhala Baedomo Thoteng ya Letswai, e le batho ba dikete tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Abishai, mora wa Seruya, le yena a bolaya Baedomo ba dikete tse leshome le metso e robedi, a ba bolaela ka Kgohlong ya Letswai.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 18:12
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba bang ba setseng a ba nea Abishai moenae, hore a ba lokise ho ya kopanya ntwa le bana ba Ammone.


Bana ba Ammone, ha ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ba kena hae motseng. Yaba Joabe o kgutla ntweng ya bana ba Ammone, a boela Jerusalema.


Ka baka leo, Davida a re ho Abishai: Jwale, Sheba, mora Bikri, o tla re senyetsa ho feta Absalome; eya, wena le bahlanka ba monga hao, o mo phallele, esere mohlomong a bona metse e marako, a re phonyohela jwalo.


Empa Abishai, mora Tseruja, a tlatsa Davida, a hlaba Mofilesta, a mmolaya. Yaba banna ba Davida ba mo antsha, ba re: Ha o sa tla futuha le rona, esere mohlomong wa tima lebone la Iseraele.


E mong ke Abishai, ngwanabo Joabe, mora Tseruja; ke e mong e moholo ho ba bararo ba bang; a betsa ka lerumo la hae, a hlaba ba makgolo a mararo, a iketsetsa lebitso hara ba bararo.


Joabe le Abishai ngwanabo ba bolaya Abnere jwalo, e le ka baka la hobane a bolaile Asaele moena bona, ntweng, Gibeone.


Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae ka ho sa feleng;


Hobane, mohla Davida a neng a futuhetse Edomo, Joabe, molaodi wa makgotla a hae, hoba a epele ditopo, a ya, a bolaya ba batona bohle ba Edomo.


A bolaya Baedomo ba dikete tse leshome, Thoteng ya Letswai; a nka Sela ka ntwa, a o rea lebitso la Joktheele (o hapilweng ke Jehova); le kajeno ke lona.


Abishai, moena Joabe, e ne e le hlooho ya ba bararo bao. A lwantsha banna ba makgolo a mararo ka lerumo la hae, a ba bolaya, mme a iketsetsa lebitso hara ba bararo bao.


Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.


A bea balebedi Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


ba setseng ba setjhaba a ba nea Abishai, ngwanabo, mme a ba lokisa hore ba bone bana ba Ammone.


dikgaitsedi tsa bona ke Tseruja le Abigaile. Bara ba Tseruja ke Abishai, Joabe, le Asaele; bona ba bararo.


Amatsia a ipha matla, mme a tsamaisa setjhaba sa hae, a ya le sona Thoteng ya Letswai, mme teng a qhala dikete tse leshome tsa bana ba Seire.


Oho Modimo, o re lahlile, o re qhalantse; o ne o halefile; oho, o boele o re tsose!


O sisintse naha, o e qheheditse: o hahe dikgeo tsa yona, hobane e a reketla.


Ebile Davida o bua, a laela Akimeleke Mohethe, le Abishai, mora Tseruja, ngwanabo Joabe, a re: Ke mang eo re tla theohela le yena ho Saule diahelong na? Abishai a re: Ke nna ke tla theoha le wena.


Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ