Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke lokiseditse setjhaba sa ka sa Iseraele bodulo, mme ke se hlomile, se bile se se se dutse ha habo sona; ha se ka ke sa hlola se ferekana, le bakgopo ha ba sa tla hlola ba se fedisa, jwaloka pele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Iseraele sebaka, ke se bee ho sona, mme se ke ke sa hlola se tshwenyeha. Batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba se tshwenya jwaloka pele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:9
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

leha e le jwaloka mohla ke neng ke beile baahlodi ho disa setjhaba sa ka sa Iseraele; ke kokobeditse dira tsa hao tsohle, mme ke o tsebisitse hore Jehova o tla o hahela ntlo.


Ke nnile ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, mme ka o etsetsa lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba leng teng lefatsheng.


O lelekisitse ditjhaba ka letsoho la hao, hore o ba bee tulong tsa tsona; wa fedisa ditjhaba, hore o ba atise.


Sera se ke ke sa mo tsometsa, molotsana a ke ke a mo kokobetsa.


Haele moo ba hlomilwe ka tlung ya Jehova, ba atleha mabaleng a Modimo wa rona; ba sa tla bea le boqhekung ba bona;


Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.


Bara ba hao ba ya tla ka lebelo; ba o sentseng le ba o entseng lesupi ba tla baleha.


Ha ho sa tla utlwahala bothata naheng ya hao, leha e le tshenyo le tshenyeho meeding ya hao; empa o tla rea marako a hao lebitso la Poloko, o ree menyako ya hao lebitso la Kganya.


ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.


Ke tla ba tadima ka leihlo le letle, ke ba busetse lefatsheng lena, ke ba ahise, ke se ke ka ba senya; ke ba hlome, ke se ke ka ba epolla.


Ke tla ithabella bona ho ba etsa hantle; ke ba hlome lefatsheng lena kannete, ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.


ka bohlale ba hao le ka kelello ya hao, o ithuetse matlotlo, o bokeletse kgauta le silefera dipolokelong tsa hao;


Ke tla di ntsha hara ditjhaba, ke di phuthe mafatsheng wohle; ke ntoo di tlisa naheng ya tsona, ke di dise dithabeng tsa Iseraele, dihlohleng tsa melapo le metebong yohle ya naha.


Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.


Ke tla ba hloma naheng ya bona, mme ha ba sa tla hlola ba tloswa naheng ya bona, eo ke ba neileng yona: ho bolela Jehova, Modimo wa hao.


Motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlelang bana ba ho se dumele.


Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ