Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke nnile ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, mme ka o etsetsa lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba leng teng lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa tsamaya teng, ka timetsa dira tsa hao tsohle. Ke tumisitse lebitso la hao jwaloka mabitso a banna ba tumileng ba teng mona lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:8
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, nna ke na le wena; ke tla o boloka hohle moo o ka yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena, hobane nke ke ka o tlohela, ke eso ho o etse seo ke o baletseng sona.


Eitse hobane Jehova a namolele Davida matsohong a dira tsohle tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Jehova dithoko tse reng:


Ka nna ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, ka o etsetsa le lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba lefatshe.


Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Leha e le Betha, le Berothai, metse ya Hadadesere, morena Davida a nka koporo e ngata haholo teng.


Botumo ba Davida ba hasana naheng tsohle, mme Jehova a mo etsa ya tshajwang ke ditjhaba tsohle.


Le taba eo eka e nyenyane pela hao, Modimo; o bile o buile le bakeng sa ntlo ya mohlanka wa hao hodima motsotso o molelele, mme o ntadimile jwalokaha ho tadingwa motho e moholo, wena o leng Modimo Jehova!


Nathane a re ho morena: Etsa tsohle tse ka pelong ya hao, hobane Jehova o na le wena.


Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, kamora dinku, hore ke o bee motsamaisi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ke lokiseditse setjhaba sa ka sa Iseraele bodulo, mme ke se hlomile, se bile se se se dutse ha habo sona; ha se ka ke sa hlola se ferekana, le bakgopo ha ba sa tla hlola ba se fedisa, jwaloka pele,


hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.


A re: Ke tla o rata haholo, Jehova, wena o leng matla a ka,


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


Ekeletsa boholo ba ka, o kgutle, o ntshedise.


empa ke Modimo o ahlolang: o kokobetsa e mong, mme e mong o mo phahamise.


o dihile babusi diteroneng tsa bona, mme o phahamisitse ba ikokobeditseng;


Davida a etsa tsohle ka masene, mme Jehova o ne a le ho Yena.


Kahoo, Saule a bona, a tseba hobane Jehova o na le Davida; mme Mikale, moradi wa Saule, a mo rata.


Davida a eketsa, a re: Ka Jehova ya utlwang, ke yena Jehova ya tla mmolaya; kapa ho tla tjhaba tsatsi la hae la ho shwa, kapa o tla ya ntweng, a timele teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ