Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Athe ha ke eso ho dule tlung, haesale ke nyolla Iseraele Egepeta ho fihlela jwale, ke mpa ke nnile ka tswa tenteng e nngwe ka kena ho e nngwe, ka tloha tulong se seng ka kena ho se seng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ho tloha mohla ke nyollang Baiseraele naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, ha ke eso ka ke dula ka tlung; ke nnile ka kena tenteng e nngwe, ka tswa, ka kena ho e nngwe; ka kena leahong le leng, ka tswa, ka kena ho le leng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:5
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba fihla le areka ya Modimo, ba e bea tulong tsa yona, tenteng eo Davida a e hlometseng yona, mme Davida a boela a hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Jehova.


Athe ha ke eso ho dule tlung, haesale ke nyolla bana ba Iseraele Egepeta, le jwale, ke mpa ke itsamaetse ka tente le ka tabernakele.


Esale mohla ke ntshang setjhaba sa ka sa Iseraele Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; ke mpa ke kgethile Davida ho ba morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Empa fale Modimo o fela o ka aha lefatsheng na? Bona, esita le mahodimo le mahodimo a mahodimo a ke ke a o kopa; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!


ba tlisa areka ya Jehova le tente ya pokano; le mesebetsi yohle e halalelang e ka tenteng ya tliswa ke baprista le Balevi.


Empa ke mang ya ka tsebang ho mo hahela ntlo, ha esita le mahodimo, le mahodimo a mahodimo a sitwa ho mo kopa! Mme nna ke mang, ha ke tla mo hahela ntlo, haese hore ke mo tjhesetse dibano feela?


Empa fale Modimo o fela o ka aha le motho lefatsheng na? Bona, esita mahodimo, le mahodimo a mahodimo a ke ke a o lekana; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!


Esale ha ke ntsha setjhaba sa ka naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; mme ha ke a ka ka kgetha motho e mong hore e be modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele;


ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ