Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mme jwale, ako hlohonolofatse ntlo ya mohlanka wa hao, hore e nne e hlole e le teng ka ho sa feleng pontsheng ya hao; hobane seo o se hlohonolofatsang, Jehova, eba se hlohonolofetse ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 O hlohonolofaditse lelapa la mohlanka wa hao, hore le nne le be tlhokomelong ya hao kamehla yohle. Oho, Morena, o le hlohonolofaditse, mme le tla hlohonolofala kamehla yohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:27
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Isaaka o a nyaroha, a tshoha haholo ka ho fetisisa, a re: Ke mang ya tsomileng phoofolo, a e tlisa ho nna, mme ka ja tsohle o eso ho tle, ka ba ka mo hlohonolofatsa, mme o tla fela a hlohonolofale?


Madi a bona a tla busetswa hloohong ya Joabe, le hloohong tsa ditloholo tsa hae kamehla; empa kgotso e tswang ho Jehova, e tla nne e be teng ho Davida, le ho ditloholo tsa hae, le tlung ya hae, le teroneng ya hae.


Morena Salomone yena o tla ba le lehlohonolo, le terone ya Davida e tla nne e tiye kamehla pela Jehova.


Mme jwale Jehova, ke wena Modimo; o boletse taba e molemo bakeng sa mohlanka wa hao.


Kamora tseo, Davida a fenya Bafilesta, a ba kokobetsa, mme a amoha Bafilesta Gathe le metsana ya naha ya teng.


Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nkgethe hara bohle ba ntlo ya ntate hore ke be morena wa Iseraele ka ho sa feleng; hobane o fela a kgethile Juda ho mo etsa motsamaisi; tlung ya Juda o kgethile ntlo ya ntate, mme hara bara ba ntate o kgahlilwe ke nna ho nketsa morena wa Baiseraele bohle.


hobane o mo entse ya lehlohonolo ka ho sa feleng, wa mo nyakalatsa ka sefahleho sa hao.


Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.


Bona, ke laetswe ho hlohonolofatsa! O hlohonolofaditse, nke ke ka ho fetola.


Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa jwalokaha a o boleletse; ditjhaba tse ngata di tla nama ho wena; empa wena ha o ka ke wa di namela; o tla busa ditjhaba tse ngata, empa ha di ka ke tsa o busa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ