Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mme jwale, Jehova, lentswe leo o le boletseng bakeng sa mohlanka wa hao le bakeng sa ntlo ya hae, le ke le netafale ka ho sa feleng, mme o etse kamoo o boletseng kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 “Jwale, ka baka leo, Morena, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahatse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:23
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kanthe wa na wa re: Ruri ke tla o etsa hantle, mme ke tla atisa ditloholo tsa hao, di be ka ka lehlabathe la lewatle le sitwang ho balwa ka baka la bongata ba lona.


Oho, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale jwale polelo ya hao eo o neng o e bolelle ntate Davida, mohlanka wa hao.


O beile setjhaba sa hao sa Iseraele hore e nne e be setjhaba sa hao ka ho sa feleng, mme wena, Jehova, o bile Modimo wa sona.


Le ke le netafale, hore lebitso la hao le tle le tlotliswe kamehla ka ho re, Jehova wa makgotla ke Modimo wa Iseraele, ke Modimo ho Iseraele! Le yona ntlo ya mohlanka wa hao Davida e ke e tiiswe pela hao.


Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nkgethe hara bohle ba ntlo ya ntate hore ke be morena wa Iseraele ka ho sa feleng; hobane o fela a kgethile Juda ho mo etsa motsamaisi; tlung ya Juda o kgethile ntlo ya ntate, mme hara bara ba ntate o kgahlilwe ke nna ho nketsa morena wa Baiseraele bohle.


Jwale, Jehova Modimo, a ho ke ho phethehe pallo ya hao, eo o neng o e bolelle ntate Davida; hobane o mpeile morena wa setjhaba se sengata jwaloka lerole la lefatshe.


ZAIN. O elellwe pallo ya hao ho mohlanka wa hao, eo ke tshepisitsweng ka yona!


ke tle ke phethe kano eo ke e anneng ho bontata lona moholo, ka re: Ke tla ba nea lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Yaba ke a araba, ka re: Ho be jwalo, Jehova!


Maria a re: Bona, ke lekgabunyane la Morena, a nke ke etswe ka polelo ya hao! Yaba lengeloi le tloha ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ