Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O tseba mohlanka wa hao, Jehova; ke ka baka la mohlanka wa hao le la thato ya hao o entseng taba tseo tsohle tse kgolo, hore o mo tsebise tseo tsohle tse kgolo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Oho, Morena, ka baka la mohlanka wa hao, le ka baka la ho rata ha hao, o entse ntho ena e kgolo, wa etsa hore tsena tsohle tse kgolo di tsejwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:19
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ka baka la lentswe la hao le ka pelo ya hao, ha o entse tsena tsohle tse kgolo, tseo o di tsebisitseng mohlanka wa hao!


Mme Davida a ka boela a bolela dife hodima kganya eo o e neang mohlanka wa hao?


Oho Jehova, ha ho ya kang wena, ha ho le Modimo haese wena, jwalokaha re ikutlwetse ka tsebe tsa rona.


Seo a se etsang ke bokgabane le kganya, ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng.


O bonahaditse matla a diketso tsa hae ho setjhaba sa hae ka ho se nea lefa la ditjhaba.


Oho Jehova, ke mohlanka wa hao; ke mohlanka wa hao ka sebele, mora wa lekgabunyane la hao. O lokolotse ditlamo tsa ka.


Hobane ke tla sireletsa motse wona, ke o pholose, ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.


A re ho nna: O mohlanka wa ka, ke wena Iseraele eo ke tlang ho itlotlisa ka wena.


Mme jwale, Modimo wa rona, o mamele thapelo ya mohlanka wa hao le thapedisiso ya hae, o edise sefahleho sa hao hodima sehalalelo sa hao se senyehileng ka baka la Morena!


E, Ntate, ho jwalo, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.


ka morero oo o o entseng ho hloleheng, mme ke hona o tswang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena wa rona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ