Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Jehova Modimo, nna ke mang, mme ntlo ya ka keng, ha u ntlisitse ho fihla mona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Jwale kgosi Davida a kena ka Tenteng, a ya dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba ntlo ya ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.


Yaba morena Davida o ya, a dula pela Jehova, a re: Oho, Morena Jehova, nna ke mang, le ntlo ya ka keng, ha o ntlisitse ho fihlela mona?


Ebile Esekiase o nka lengolo matsohong a manqosa, a le bala. A nyolohela tlung ya Jehova, mme Esekiase a le phutholla pela Jehova.


Nathane a phetela Davida taba tseo tsohle, le tsohle tsa tshenolo eo.


Le taba eo eka e nyenyane pela hao, Modimo; o bile o buile le bakeng sa ntlo ya mohlanka wa hao hodima motsotso o molelele, mme o ntadimile jwalokaha ho tadingwa motho e moholo, wena o leng Modimo Jehova!


Hobane nna keng, mme setjhaba sa ka keng, hore re tle re tsebe ho o ntshetsa ntho tsa rona jwaloka ho rata? Athe tsohle di tswa ho wena, mme ke letsoho la hao le re fileng seo re o neang sona.


Salomone a re ho Modimo: O etseditse ntate Davida ka lereko le leholo, o bile o mpeile morena tulong tsa hae.


Jehova, motho keng, ha o tla mo tseba, le ngwana motho, ha o tla mo hlokomela?


Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;


e leng wona o re pholositseng lefung le lekalo, mme o sa ntse o re pholosa, mme re tshepile hoba o sa tla nne o re pholose,


Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,


Gideone a re ho yena: Oho, Monghadi, ke tla namolela Iseraele kang? Bona, ntlo ya heso ke e fumanehileng hara matlo a Manasse, mme nna ke e monyenyane ho ba ntlo ya ntate.


Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.


Saule a araba, a re: Ha ke re, ke Mobenjamine, wa leloko le lenyenyane ho meloko ya Iseraele, mme mothapo wa ka ke o monyenyane ho methapo yohle ya leloko la Benjamine na? O rialo jwang ho nna?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ