Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke tla ba ntatae, yena e be mora ka; nke ke ka mo amoha mohau wa ka, jwalokaha ke ne ke o amohe ba neng ba le pele ho wena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ke tla ba ntatae, yena e be mora wa ka. Feela nke ke ka kgaotsa ho mo rata jwalokaha ke ile ka kgaotsa ho rata ya bileng teng pele ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:13
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.


a sa ka a botsa Jehova. Jehova a mo timetsa ke hona, mme a fetisetsa borena ho Davida, mora Jese.


Ke yena ya tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya hae ka ho sa feleng.


ke mpa ke tla mmea tlung ya ka le mmusong wa ka ka ho sa feleng, mme terone ya hae e tla tiya ka ho sa feleng.


Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


A nke ke phethe morero; Jehova o itse ho nna: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


O tla ba moholo, mme o tla bitswa Mora wa Ya hodimodimo; Morena Modimo o tla mo nea terone ya Davida ntatae.


Yaba lentswe le tswa lerung, la re: Ke enwa Mora ka ya ratwang, mo utlweng.


Ntate o rata Mora, mme o mo neile dintho tsohle matsohong.


mme ke tla ba ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho thualo ke Morena ya matla wohle.


Hobane ke ho lefe ho mangeloi Modimo o kileng wa re le ka mohla o le mong: O Mora wa ka, ke o tswetse kajeno? Hape, ke ho lefe o itseng: Ke tla ba Ntatae, yena e be Mora wa ka?


Samuele a re ho yena: Le wona mmuso wa Iseraele Jehova o o hahotse jwalo hodima hao kajeno, o o neile wa heno ya o fetang ka bokgabane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ