Bona, ke hopotse ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, jwalokaha Jehova a boleletse ntate Davida, a re ho yena: Mora wa hao eo ke tla mmea teroneng ya hao tulong tsa hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.
Etlare mohla matsatsi a hao a phethehang a ho orohela ho bontatao, ke tla phahamisa lesika la hao kamora hao, e mong wa bara ba hao, mme ke tla tiisa mmuso wa hae.
Ba re fetotse, ba itse: Re bahlanka ba Modimo wa mahodimo le lefatshe, mme re tsosa ntlo e neng e hahuwe kgale, ho se ho le dilemo tse ngata, e na beng e hahilwe, ya ba ya phethwa ke morena e moholo e mong wa Iseraele.
Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.
hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.
Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;
Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.