Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Etlare mohla matsatsi a hao a phethehang a ho orohela ho bontatao, ke tla phahamisa lesika la hao kamora hao, e mong wa bara ba hao, mme ke tla tiisa mmuso wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 “ ‘Ha matsatsi a hao a se a fetile, o se o orohetse ho bo-ntatao, ke tla etsa hore e mong wa bara ba hao a o hlahlame, ke tiise mmuso wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:11
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele wena, o tla orohela ho bontatao ka kgotso, o epelwe ha o se o hodile ho hotle.


Ha ho se jwalo, etlare morena, monga ka, ha a se a orohetse ho bontatae, re tla etswa ba molato, nna le mora ka Salomone.


Ebile Davida o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida.


leha ho le jwalo, hase wena ya tla haha ntlo; mora hao, ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.


Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng, hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse, ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.


leha e le jwaloka mohla ke neng ke beile baahlodi ho disa setjhaba sa ka sa Iseraele; ke kokobeditse dira tsa hao tsohle, mme ke o tsebisitse hore Jehova o tla o hahela ntlo.


Ke yena ya tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya hae ka ho sa feleng.


Mme hara bara ba ka kaofela — hobane Jehova o nneile bara ba bangata — o kgethile mora ka Salomone, hore a dule teroneng ya mmuso wa Jehova Iseraeleng.


Re basele pela hao, re bajaki jwaloka bontata rona kaofela; ditshiu tsa rona lefatsheng e ka moriti; mme ho dula ha ho yo.


A shwa a tsofetse haholo, a tletse matsatsi le maruo le kganya; mme Salomone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


leha ho le jwalo, hase wena o tla haha ntlo; empa mora hao ya tla tswa lethekeng la hao, ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo.


Jehova o entse hlapanyo ya nnete ho Davida, a ke ke a e kwenehela; o itse: Ke tla bea mora ya tswetsweng ke wena teroneng ya hao.


Jehova, mahodimo a tumisa mehlolo ya hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Hobane ho itswe ke Jehova: Davida a ke ke a ba a hloka motho ya dulang teroneng ya ntlo ya Iseraele.


Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.


Banna ba heso, ha nke ke le bolelle phatlalatsa hore mopatriareka Davida o ne a shwe, a ba a patwa; mme lebitla la hae le sa ntse le le teng hara rona ho fihela letsatsi la kajeno.


Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ