Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mmineleng, le mminele dithoko, le nahane mehlolo ya hae kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Mmineleng, mmineleng difela, le boledise mesebetsi ya hae yohle e hlollang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:9
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a di ke di thabe.


Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle.


Rorisang Jehova, le rapele lebitso la hae; tsebisang hara ditjhaba diketso tsa hae tse phahameng.


Ke mang ya ka reng ho wona: O etsa hampe? O se ke wa lebala ho hodisa mesebetsi ya wona e roriswang ke batho ka dithoko.


ba tle ba tsebise bana ba batho diketso tsa hao tse phahameng, le boholo ba kganya ya borena ba hao.


Ha ke pate ho loka ha hao hara pelo ya ka, ke bolela botshepehi ba hao le poloko ya hao; ha ke a ka ka lobela phutheho e kgolo mohau wa hao le nnete ya hao.


Modimo, o nthutile esale le botjheng ba ka, mme ke ntse ke tumisa mehlolo ya hao ho fihlela la kajeno.


Yaba ba tshabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngwanabo, mme Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ya kgopotso ya ngolwa pela hae, ya ngollwa ba tshabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.


Eitse hobane ba bine dithoko, ba ya thabeng ya Mehlwaare.


Buisanang ka dipesalema, le ka difela, le ka dipina tsa moya, mme le binele Morena, le mo dudueletse ka dipelong tsa lona.


Lentswe la Kreste le ikahele ho lona ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le nne le rutane, mme le kgothatsane ka dipesalema, le dithoko, le difela tsa moya, le ntse le binela Morena ka dipelo tsa lona, ka bokgabane.


E mong hara lona ha a le mahlomoleng, a rapele. E mong ha a thabile, a bine difela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ