Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Rorisang Jehova, le rapele lebitso la hae; tsebisang hara ditjhaba diketso tsa hae tse phahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Lebohang Morena, le ipiletse ho yena, phatlalatsang ketso tsa hae hara ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa tlung ena ke e hahileng.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane wena Jehova, o Modimo o nnotshi.


Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng.


Rokang Jehova, hobane o molemo, etswe mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng.


ka letsatsi leo le tla re: Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise ditjhaba diketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng.


ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.


le mona o tlile a neilwe matla ke baprista ba baholo a ho tlama bohle ba rapelang lebitso la hao.


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ