Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 E moholo e ne e le Asafe; ba mo hlahlamang ke Sakaria, le Jeiele, le Shemiramothe, le Jehiele, le Matthithia, le Eliabe, le Benaia, le Obed-Edomo, le Jeiele, ba tshwere diletsa, le diviole, le diharepa; Asafe yena o ne a letsa disimbala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Asafo ya eba yena hlooho, a hlahlangwa ke Sekariya. Bo-Jeiele, le Shemiramote, le Jehiele, le Matiteya, le Eliabe, le Benaya, le Obede-Edomo, le Jeiele, bona ba ne ba letsa dikatara, le diharepa, athe Asafo yena o ne a letsa matlheretlhere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:5
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba letsa pela Jehova ka diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka difate tsa kiprese, ka diharepa, le diviole, le meropa, le diterompeta, le disimbala.


Davida a siya Asafe le banababo, hona teng, pela areka ya selekane sa Jehova, hore ba nne ba etse tsa tshebeletso pela areka kamehla, mosebetsi o mong le o mong ka tsatsi la wona;


Yaba o laela Balevi ba bang hore ba phethe tsa tshebeletso pela areka ya Jehova, le ho rapela, le ho boka, le ho rorisa Jehova, Modimo wa Iseraele.


Baprista Benaia le Jahasiele ba ne ba ntse ba letsa diterompeta pela areka ya selekane sa Modimo.


le Thahathe, mora wa hae, le Uriele, mora wa hae, le Osiase, mora wa hae, le Saule, mora wa hae.


E mong e ne e le Asafe, ngwanabo, ya neng a ema ka letsohong la hae le letona; ke Asafe, mora Berekia, mora Shimea,


Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ