Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 hore ho yona ho nne ho hlahisetswe Jehova ditjheso aletareng ya mahlabelo, hosasa le mantsiboya, ka ho ya ka tsohle tse ngodilweng molaong wa Jehova, oo a o beetseng Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 hore ba nne ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare ya nyehelo ya setjheso hoseng le mantsiboya; ba etse tsohle tse ngotsweng Molaong wa Morena, oo a neng a o laele Baiserale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:40
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsadoke, mora Akitube, le Akimeleke, mora Abiathare, e ne e le baprista; Seraia e ne e le mongodi;


Motshehare wa mantsiboya, ba be ba ntse ba porofeta; ha e batla ho ba nako ya ho hlahisa sehlabelo, ho no ho eso ho be lentswe, ho se karabo, ho se ya ba mamelang.


Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng.


Haele kabelo ya morena, a e ntsha leruong la hae ho etsa ditjheso, e le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le ditjheso tsa Disabatha le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete, jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Jehova.


Ba tsosa aletare setsheng sa yona, leha ba ne ba ntse ba tshohile ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, mme teng ba hlabela Jehova mahlabelo a ditjheso, e leng ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya.


ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;


A hlahisa nyehelo, a qotsa ho yona ka seatla, a e tjhesa aletareng kantle ho setjheso sa hosasa.


Eyang Bethele, le sebe; le atise ho seba Gilgale. Hlahisang mahlabelo a lona hosasa; ka tsatsi la boraro, le hlahise karolo ya leshome ya tseo le di ruileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ