Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Difate tsa meru di etse ditlatse tsa thabo pela Jehova, hobane o ya tla, a tle a ahlole lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Jwale difate, merung, di tla bina, di binela Morena ho tla, ha a etla ho ahlola lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:33
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?


Lewatle a le ke le dume le tsohle tse ho lona; dithota di ke di hlasimolohe le tse ho tsona kaofela!


Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng.


Jehova ke setshabelo ho ya tujwang, setshabelo sa hae mehleng ya matswalo.


O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.


Hobane le tla tloha ka thabo, le tsamaiswe ka kgotso; dithaba le maralla di tla ntsha mehoo ya nyakallo pela lona, difate tsohle tsa naha di ope diatla.


ha a etla ho tlotliswa mohlang oo bahalaleding ba hae, le ho etswa ya makatsang ka bohle ba dumetseng; hobane bopaki ba rona hara lona bo amohetswe.


ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ho ba sa utlweng Evangeli ya Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ka baka leo, baratuwa, erekaha le lebeletse tse jwalo, itiiseng hore le tle le fihlelwe ke yena le ena le kgotso, le se na letheba le sekodi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ