Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Mahodimo a ke a thabe, mme lefatshe le hlasimolohe; a ho ke ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Jehova o a busa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Mahodimo a thabe, fatshe le nyakalle, hara matjhaba ho thwe: “Morena ke yena kgosi!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:31
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tlakasela pela hae, wena, lefatshe lohle. Lefatshe le lona le a tiya, ha le sisinyehe.


Ke tla o hodisa, Modimo wa ka, Morena wa ka! ke tla boka lebitso la hao kamehla le ka ho sa yeng kae.


Mahodimo a bolela kganya ya modimo, mme sebaka sa lehodimo se bonahatsa mosebetsi wa diatla tsa wona.


Modimo o rena hodima ditjhaba; Modimo o dutse teroneng e halalelang ya wona.


Jehova, mahodimo a tumisa mehlolo ya hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Ereng hara ditjhaba: Jehova o a busa! lefatshe le tiya ke hona, ha le sisinyehe; o ahlola ditjhaba ka ho loka.


Jehova o a busa. Lefatshe a le ke le thabe; dihlekehleke tse ngata a di ke di nyakalle!


Lona, mafatshe kaofela, phahamisetsang ho Jehova mehoo ya thabo ya lona! Tshelang ditlatse tsa lona, le mo binele difela tsa nyakallo!


Jehova o a busa, merabe e a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a thekesela.


Hobane Jehova ke moahlodi wa rona, Jehova ke molaodi wa rona, Jehova ke morena wa rona, o tla re boloka.


Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.


Nyakallang, lona mahodimo, le wena lefatshe, o thabe, le lona dithaba, dumang ka ditlatse, hobane Jehova o tshedisitse setjhaba sa hae, o hauhetse mafutsana a hae.


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.


Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela;


Ka utlwa le ho kang lentswe la bongata bo boholo, le ho kang modumo wa metsi a mangata, le ho kang lentswe la diaduma tse matla, le re: Alleluya! Hobane Morena, Modimo wa rona o matla wohle, o a busa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ