Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le makatso tsa hae hara merabe yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:24
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane wena Jehova, o Modimo o nnotshi.


Binelang Jehova, lona mafatshe wohle; le bolele poloko ya hae ka matsatsi wohle.


Hobane Jehova o moholo, mme o lokelwa ke ho roriswa ka ho fetisisa; o tshabeha ho fetisa medimo kaofela;


Mmineleng, le mminele dithoko, le nahane mehlolo ya hae kaofela.


Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;


ke ntse ke kgeleketsa lentswe la diteboho le ho bolela mehlolo ya hao kaofela.


Ke tla bea pontsho ho bona, mme hara ba phonyohileng ke nke ba bang, ke ba romele ditjhabeng, Tarshishe, Pule le Lude, ho ba tjhehang seqha Tubale, le Javane, le dihlekehlekeng tse hole, tse esong ho utlwe taba tsa ka le ho bona kganya ya ka; mme ba tla tumisa kganya ya ka hara ditjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ