Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Eitse hobane Davida a qetele ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ha Davida a qetile ho etsa dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!


Jwale he, busetsa mosadi ho monna wa hae: etswe e le moporofeta, mme o tla o rapella hore o pholohe. Empa ha o ke ke wa mmusetsa, o tsebe hoba o tla shwa le ho shwa, wena le bohle bao o nang le bona.


Jakobo a hlohonolofatsa Faro, mme a tloha pela Faro.


Josefa a tlisa Jakobo, ntatae, a mmea pela Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.


Eitse hobane Davida a qetelle ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova wa makgotla.


Ba tlisa areka ya Jehova jwalo, mme ba e bea tenteng eo Davida a e hlometseng yona; ha hlajwa mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Modimo.


a ntoo abela Baiseraele bohle, banna le basadi, e mong le e mong polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama, le senkgwana sa morara.


Eitse hobane setjheso se qetellwe ho hlahiswa, morena le bohle bao a nang le bona ba inama, mme ba kgumama.


Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.


Athe ha ho motho ya ka hanang ha ho thwe, e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.


Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, a ba kgutlisa, mme ba ikela ditenteng tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ