Yaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi: Le ntsieditse ka ho nketsa sebodu ho baahi ba naha, ho Bakanana le ho Bafarese, kanthe batho ba ka ha ba bakae, mme jwale ba tla mpokanela, ba mpolaye, mme ke tla timetswa nna le ntlo ya ka.
Ha o a ka wa mo abela lefa teng, leha e le sebakanyana se ka ka se ka hatwang ka leoto, wa mpa wa mmalla hore o tla mo fa yona, e tle e be leruo la hae le la ditloholwana tsa hae kamora hae, leha a ne a eso ho be le ngwana.
Bao bohle ba shwele ka tumelo, ba eso ho newe tseo ba di baletsweng, ba mpa ba di bonetse hole, ba di dumetse, ba di dumedisitse, mme ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatsheng.