Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 e leng selekane seo a neng a se hlabe le Abrahama, le kano eo a neng a e anetse Isaaka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, kano eo a e etseditseng Isaka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:16
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


mme ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, ke o atise haholoholo.


Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.


Modimo wa re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Ata, o ngatafale; setjhaba le letshwele la ditjhaba di tla tswa ho wena, mme marena a tla tswa lethekeng la hao.


Morena Davida a tsebiswa, ha thwe: Jehova o hlohonolofaditse ntlo ya Obed-Edomo le tsohle tsa hae, ka baka la areka ya Modimo. Yaba Davida o ya lata areka ya Modimo ha Obed-Edomo, a e tlisa motseng wa Davida a thabile.


Le nne le hopole selekane sa hae kamehla, le lentswe leo a le laoletseng meloko e sekete;


Wa mo fumana a ena le pelo e tshephehang pela hao, mme wa etsa selekane le yena sa ho mo nea lefatshe la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Bajebuse, le la Bagirgashe, hore o tle o le nee ditloholo tsa hae; o fela o phethile lentswe la hao, etswe o le ya lokileng.


Modimo wa eketsa wa re ho Moshe: O tle o re ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, mme ke yona kgopotso ya ka melokong le melokong.


Ke lona le leng bana ba baporofeta le ba selekane seo Modimo o se hlabileng le bontata rona, wa re ho Abrahama: Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofalla lelokong la hao.


Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ